My Family Browse Surnames Sign In Join Free
BrowseM → Maboea
Maboea
Maboea (General)
Other
0 followers
  Mothapama o neng o thapamele marena.Motho wa Seuna se pelo mora ‘NkoehatseSe ba una seba tabola moriri,Ba habo bona basale ballla.Ha o le noko ha o latellwe, ha o lenoko o hlaba MatebeleMotho wa Nthudisane wa kgomo tse shwang ke boketa;Setlhohotlhoholwana sa MakatoloheMakwala ntshiyeng kamaorao,Lentshiye ka mora ‘thaba ya Setenane..Naka tsa ntsu di makudubanyanaE ka kgama e nyoloha sehlapong ho ya kwenya metsi;E sesanyana ka mahlong - e sitwa ke lehaha!Makgolokwe Mahlabakgoho ka lemaoAye le yona moreneng MahlabakotswanaMahlabakgoho ka lemao ka sebonongA e hlaba, a e isa kgorong ha MokgolaneMokgolane a e ja, a ba a e halala,A re "Kgutla hape, o yo eketsa, Motho wa Wetsi"Makotswana Mahlabakgoho ka lemao A` e ise ho Mokgolane  kgorong, A re: bona morena, kehlabile!Ke hlabile manoni a maholo,Batho ba Rapeso,Batho ba Seya-pele-kgotsong.Ho sa busa Letlasa le Lephatshwana,Batho ba ha Wetsi Batho ba ha Marowa le Molotsana,Batho ba Rapeso! 
Share